Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Marena 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme ka nako e telele a neelana ka bona matsohong a Hasaele, kgosi ya Arame, le matsohong a Bene-Hadade, mora wa Hasaele.

Ver Capítulo Copiar




2 Marena 13:3
16 Referencias Cruzadas  

Ya tla qoba lerumo la Hasaele, o tla bolawa ke Jehu; ya qobang lerumo la Jehu, Elisha o tla mmolaya.


Mohlomong Hasaele, morena wa Siria, a futuha, a tla lwantsha Gathe, a o nka. Hasaele a ntoo rera ho futuhela Jerusalema.


Haele Hasaele, morena wa Siria, a tshwenya Iseraele tshiung tsohle tsa Joakase.


Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.


Ke tla besa mollo marakong a Damaseka, ke tle ke fedise diqhobosheane tsa Ben-Hadade.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Ke ne ke romele hara lona lefu la sewa, le tshwanang le la Egepeta, ke ne ke bolaye bahlankana ba lona ka lerumo, dipere tsa lona tsa hapuwa, monko o tswang diahelong tsa lona ka o fihlisa dinkong tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


hobane Modimo wa rona ke mollo o timeletsang.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos