Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.
2 Samuele 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mora Saule, ha a utlwa hobane Abnere o timetse Hebrone, matsoho a hae a tepella, le Baiseraele bohle ba tshoha. BIBELE Ha Ishe-Boshete, mora wa Saule, a utlwa hore Abinere o shweletse Heborone, a kgathala matla, mme Baiseraele bohle ba tshoha. |
Ke tla mo fihlela a sa kgathetse, a fokotse matsoho, ke mo tshose; setjhaba sohle se leng ho yena se tla baleha; ke tla bolaya yena morena a nnotshi.
Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.
Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.
Yaba setjhaba sa naha tseo se qala ho tepeletsa matsoho a setjhaba sa Juda, le ho ba tshabisa ho haha,
Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!
Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.
Re utlwile botumo ba sona, mme matsoho a rona a hlile a fokola, tsietsi e re tshwere, bohloko ke bo jwaloka ba ya belehang.
Tsatsing leo, ho tla thwe ho Jerusalema: Sione, o se ke wa tshaba! Matsoho a hao a se ke a tepella!