Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!” Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:9
23 Referencias Cruzadas  

Haele lona, ipheng matla, mme matsoho a lona a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.


Ba phahamisa mantswe ka puo ya Sejuda, ba howeletsa ho setjhaba sa Jerusalema se neng se eme hodima lerako, hore ba tle ba se tshose, ba se tshabise, ba tle ba nke motse.


Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.


Oho, Modimo wa ka, hopola Tobia le Sanballate le diketso tsa bona, le yena Noadia moporofeta wa mosadi, le baporofeta ba bang ba lekileng ho ntshabisa!


Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka.


Empa ka letsatsi la tshoho, ke bea tshepo ya ka ho wena.


Modimo, o a tshabeha o le sehalalelong sa hao! Ke Modimo wa Iseraele o neang setjhaba sa wona matla le borena. Modimo a o rokwe!


Jehova, ke bea tshepo ya ka ho wena; ke se ke ka swabiswa le ka mohla o le mong.


O fa ya kgathetseng matla, o atisa matla ho ya fokotseng.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.


Ke mpa ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, ke tla bea lerumo la ka letsohong la hae, ke robe matsoho a Faro, a fehelwe pela hae ka mefehelo ya motho ya hlabilweng.


Ba setjhaba sa ka ke tla ba natlafaletsa ho Jehova, mme ba tla tsamaya ka lebitso la hae, ho bolela Jehova.


Empa Morena a re ho nna: Mohau wa ka o a o lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong. Ka baka leo, moo ke ratang teng, ke ho ithorisetsa ho fokoleng ha ka, matla a Kreste a tle a nkapese.


Ke a rapela hore a le nee, ka monono wa kganya ya hae, hore le tiiswe ka matla mothong wa kahare ke Moya wa hae,


Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.


A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng ka Jesu Kreste ho rua kganya ya wona e sa feleng, ha le se le utlwile bohloko ka ditshiuana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.


Kahoo, Davida a tsieleha haholo, hobane le batho ba ne ba bolela taba ya ho mo tlepetsa ka majwe, hobane pelo tsa bohle di ne di baba, e mong le e mong ka baka la bara ba hae le la baradi ba hae; empa Davida a ikgothatsa ka Jehova, Modimo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos