Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale, ka kena tlung ya Shemaia, mora Delaia, mora Mehetabeele; o ne a ikwaletse kateng. A re ho nna: A re phutheheleng tlung ya Modimo, kahare ho tempele, mme re kwale mamati a tempele; hobane ba ya tla o bolaya; bosiung bona bona ba ya tla o bolaya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Kamora mona ka ya tlung ya Shemaya, mora wa Delaya, setloholo sa Mehetabela, ya neng a kwaletswe ka tlung, mme yena a re: “A re yo kopana ka Tempeleng ya Modimo, re ikwalle kateng, hobane ba tla tla ho tla o bolaya. Ba tla tla bosiu ho tla o bolaya.”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:10
21 Referencias Cruzadas  

Baale-Hanane, mora Akbore, a shwa, mme kamora hae ha busa Hadare, mme lebitso la motse wa hae e ne e le Pau, lebitso la mosadi wa hae e le Mehethabeele, moradi wa Mathrede, moradi wa Mesahabe.


A haha leboteng la ntlo dikamore tse kallaneng tse le potang, a di haha maboteng a ntlo, tsa sika tempele le sehalaledisiso; a etsa dikamore tse kathoko kahohle.


Ka mokgwa o jwalo, ba patwa ba babedi tlung ya Jehova ka dilemo tse tsheletseng, mme Athalia a busa naha.


Ntlo yohle ya Akabe e tla timela, ke timetse ba Akabe ba batona bohle, ba ruilweng le ba sa ruwang ba Iseraeleng.


Akase a bokella mesebetsi ya ntlo ya Modimo, mme a robaka mesebetsi ya ntlo ya Modimo dikoto, a kwala mamati a ntlo ya Jehova, mme a iketsetsa dialetare dikoung tsohle tsa Jerusalema.


Ka selemo sa ho qala sa ho busa ha hae, ka kgwedi ya pele, a bula mamati a ntlo ya Jehova, mme a a lokisa.


Ba bile ba kwetse mamati a mathule, ba timile dilampi; ha ba ka ba tjhesa dibano, hape ha ba ka ba hlaba ditjheso sehalalelong sa Modimo wa Iseraele.


Ho bara ba Harime, ke Eliesere, Jishija, Malkija, Shemaia, Simeone,


Yaba ke romela ho bitsa Eliesere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Sakaria, le Meshullame, e leng dihlooho, le Jojaribe le Elnathane, banna ba kelello;


Ka tseba hoba Modimo ha o a ka wa mo roma, a mpile a boletse boporofeta boo ho ntwantsha ka jona, kahobane Sanballate le Tobia ba ne ba mo lefa.


Ba etsetsana mashano ba bang ho ba bang; qeko e melomong ya bona, ba bua ba ena le pelo tse pedi.


Molotsana o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno.


Ka molomo wa hae monyefodi o bolaya ba habo, empa ba lokileng ba bolokwa ke tsebo.


Jeremia a laela Baruke, a re: Nna ke a sitwa, nke ke ka ya tlung ya Jehova.


Yaba moya o kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto a ka, wa bua le nna, wa re ho nna: Eya, o ikwalle ha hao.


Ke mang hara lona ya tla kwala menyako, hore le se hlole le hotetsa mollo wa aletare ya ka ka lefeela? Ha ke kgahlwe ke lona, ho bolela Jehova wa makgotla, nke ke ka amohela sehlabelo se hlahiswang ke matsoho a lona.


Phemang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere kobo ya nku, empa kahare e le diphiri tse hapakang.


Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa.


Yaba motse kaofela o a ferekana; batho ba phallela hammoho; ba tshwara Pauluse, ba mo hulela kantle ho tempele, ba ntoo kwala menyako kapele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos