Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka re: Hleka motho ya kang nna a ka baleha na? Mme o kae motho ya kang nna ya ka kenang tempeleng, hore a phele? Nke ke ka ba ka kena teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Empa ka re: “Motho ya kang nna ke wa ho baleha? Ke mang ya kang nna, ya ka balehelang ka Tempeleng, ho ipholosa? Nke ke ka ya!”

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:11
20 Referencias Cruzadas  

Ka tseba hoba Modimo ha o a ka wa mo roma, a mpile a boletse boporofeta boo ho ntwantsha ka jona, kahobane Sanballate le Tobia ba ne ba mo lefa.


Ka ba romela manqosa, ka re: Ke tshwerwe ke mosebetsi o moholo, ke sitwa ho theoha; nka emisetsang mosebetsi ka ho o tlohela le ka ho theohela ho lona?


Hobane efela bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: Matsoho a bona a tle a tepellele mosebetsi, hore o tle o se ke wa etswa. Oho jwale, Modimo wa ka, o ke o matlafatse matsoho a ka!


Hobane a ke ke a sisinngwa le ka mohla o le mong, ya lokileng o tla hopolwa ka ho sa yeng kae.


Pelo ya hae e tiile hantle, ha a tshohe letho, a mahlo a hae.


Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha.


Dintsintsi tse shweleng di nkgisa le ho bodisa ole ya motlotsi; ho jwalo le bothoto bo bonyenyane, bo senya botumo ba ya tumileng ka bohlale le kganya.


O tla tjhesa kganya ya moru wa hae le ya masimo a hae jwalo, ho fele moya le mmele, ho be jwaloka motho ha a kula, a kgathala.


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Haele Saule, o na be a dumetse polao ya Setefane. Mehleng eo, kereke ya hlahelwa ke hloriso e kgolo; ba qhalanyetswa bohle mafatsheng a Judea le a Samaria, ha sala baapostola ba nnotshi.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


Hobane o kile a atamela lefu ka baka la mosebetsi wa Kreste, a tedile ho phela ha hae, a tle a tlatse tseo le neng le sitwa ho nketsetsa tsona.


Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos