Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ka tseba hoba Modimo ha o a ka wa mo roma, a mpile a boletse boporofeta boo ho ntwantsha ka jona, kahobane Sanballate le Tobia ba ne ba mo lefa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ke ne ke ile ka hlokomela hore ha a ya rongwa ke Modimo, empa o ne a nketsetsa boporofeta bona, hobane a ne a hirilwe ke Tobiya le Sanebalate.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:12
20 Referencias Cruzadas  

Ka re: Hleka motho ya kang nna a ka baleha na? Mme o kae motho ya kang nna ya ka kenang tempeleng, hore a phele? Nke ke ka ba ka kena teng.


Seo a neng a lefelwa sona, e ne e le hore ke tshabe, mme ke etse sebe ka ho etsa jwalo, ba tle ba fihlele seo ba ka senyang lebitso la ka ka sona, ka ho nketselletsa.


Dintja tseo di meharo, ha di kgore; ke badisa ba se nang kelello, e mong le e mong o ya ka tsela ya hae, o latela tseo e leng tsa hae, ho qala ka wa pele ho isa ho wa ho qetella.


Yaba Jehova o re ho nna: Baporofeta ba ba porofetela leshano ka lebitso la ka; ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, ha ke a ka ka bua ho bona. Ba le porofetela pono tsa leshano, le bonohe, le bosawana, le thetso ya dipelo tsa bona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.


Ke utlwile se boletsweng ka baporofeta ba porofetang leshano ka lebitso la ka, ha ba re: Re lorile, re lorile.


Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.


Le ntlhompholotse pela setjhaba sa ka, ka baka la dikakolo tsa harese le dingwatho tsa bohobe, ka ho bolaya meya e neng e sa tshwanela ho shwa, le ka ho pholosa meya e neng e sa tshwanela ho phela, le ka ho thetsa setjhaba sa ka se mamelang leshano.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Na ha le a bona pono ya lefeela, na ha le a bolela bonohe ba leshano, ha le re: Ho itswe ke Jehova! athe ha ke a ka ka bua?


Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!


Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.


E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.


Empa motho wa moya o ahlola tsohle, mme ha a ahlolwe ke motho.


E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;


Hobane e ka kgona molebedi e be motho ya se nang sekodi, hobane ke monemotse ka tlung ya Modimo; e se ke ya eba moithati, le mohalefi, le ya hapjwang ke veine, le ya otlang, le ya batlang leruo ka thetso;


ke re: Alosang mohlape wa Modimo o ho lona, le o lebele, e eng ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata;


Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya, hore na ke e tswang ho Modimo; hobane baporofeta ba bohata ba tlile lefatsheng ba le bangata.


le sinamone, le dibano, le mira, le diarubetso, le veine, le ole, le lefi la phofo, le koro, le dikgomo, le dinku, le dipere, le makoloi, le mmele le meya ya batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos