Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 6:10 - BIBELE

10 Kamora mona ka ya tlung ya Shemaya, mora wa Delaya, setloholo sa Mehetabela, ya neng a kwaletswe ka tlung, mme yena a re: “A re yo kopana ka Tempeleng ya Modimo, re ikwalle kateng, hobane ba tla tla ho tla o bolaya. Ba tla tla bosiu ho tla o bolaya.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jwale, ka kena tlung ya Shemaia, mora Delaia, mora Mehetabeele; o ne a ikwaletse kateng. A re ho nna: A re phutheheleng tlung ya Modimo, kahare ho tempele, mme re kwale mamati a tempele; hobane ba ya tla o bolaya; bosiung bona bona ba ya tla o bolaya.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 6:10
21 Referencias Cruzadas  

Baale-Hanane, mora wa Akabore, a shwa, Hadare a busa bakeng sa hae, mme lebitso la motse wa hae e le Pau. Lebitso la mosadi wa hae e ne e le Mehetabela, moradi wa Materede, moradi wa Me-Sahabe.


Kantle ho Tempele a haha dikamore tse nang le disolloro tse tharo, tse hlomathisitsweng marakong a Tempele ho e potapota.


Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosheba a pata Jowashe ka Tempeleng ya Morena.


Lelapa lohle la Akabe le tla timetswa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Akabe, ba ntseng ba phela naheng ya Iseraele, ebang ke makgoba kapa hase makgoba.


Akase a bokella thepa ya Tempele ya Modimo, a e pshatla, a kwala menyako ya Tempele ya Morena, mme mateanong wohle a ditsela tsa Jerusalema a ikgahela dialetare.


Ka kgwedi ya pele selemong sa pele sa puso ya hae, Hesekiya a bula mamati a Tempele ya Morena, a a lokisa.


Ba bile ba kwetse menyako ya lethule, ba tima le mabone, mme ha ba sa tjhesa le mokubetso, kapa ho etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso sebakeng sena se halalelang.


Hara bara ba Harime e ne e le Eleesere, le Jishiya, le Malakiya, le Shemaya, le Shimeone,


Yaba ke romela hore ho bitswe bo-Eleesere, le Ariele, le Shemaya, le Elenatane, le Jaribe, le Elenatane, le Nathane, le Sekariya, le Meshulame, e leng banna ba ka sehloohong, le Joyaribe, le Elenatane, bao e neng e le banna ba bohlale.


Ke ne ke ile ka hlokomela hore ha a ya rongwa ke Modimo, empa o ne a nketsetsa boporofeta bona, hobane a ne a hirilwe ke Tobiya le Sanebalate.


Re pholose Morena, batshepuwa ba fedile; botshepehi ha bo sa le yo ho bana ba batho.


Ya kgopo o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno;


Polelo tsa ya kgopo di timetsa mohahabo, empa ya lokileng yena o pholoswa ke tsebo.


Jeremia a bolella Baruke, a re: “Nna ke thibetswe, nke ke ka ya ka Tempeleng ya Morena;


Moya wa kena ka ho nna, wa nkemisa ka maoto, wa bua ho nna, wa re: “Tsamaya o yo ikwalla ka tlung ya hao.


“Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela.


“Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba ikgakantse eka ke dinku, empa kahare e le diphiri tse harolakang.


E mong le e mong ya etsang tse kgopo o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, esere mesebetsi ya hae ya hlahatswa.


Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos