Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:8
18 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi).


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


Haele Davida, a ya fihla Mahanaime; Absalome yena, a tshela Jordane, a ena le batho bohle ba Iseraele.


Abnere le banna ba hae ba ya le lehwatata bosiu bohle, ba tshela Jordane, ba ba ba qeta le naha yohle ya Bithrone, ba ba ba fihla Mahanaime.


Jwale, tiisang matsoho a lona, le etse ka senna; hobane haele Saule, morena wa lona, o timetse, mme nna ba ntlo ya Juda ba ntlotsitse hore ke be morena wa bona.


Morena a boela a re ho bahlanka ba hae: Na ha le tsebe hobane kajeno ho wele morena, motho e moholo Iseraeleng na?


Ha ba ntlo ya Saule ba ntse ba lwana le ba ntlo ya Davida, Abnere a ipha matla tlung ya Saule.


Ho bana ba Benjamine, banababo Saule, ha tla dikete tse tharo; athe ho fihla moo, ba bangata hara bona ba ne ba ntse ba kgomaretse ntlo ya Saule.


Bana ba Efraime ba tla ba le dikete tse mashome a mabedi tse nang le makgolo a robileng meno e le mmedi, e le bahale, banna ba tumileng matlung a bontata bona.


Nere a tswala Kishe, Kishe yena a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane, Malkishua, Abinadabe, le Eshbaale.


Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule; Saule a tswala Jonathane, Malkishua, Abinadabe, le Eshbaale.


Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;


Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Akinohame, moradi wa Akimaatse. Lebitso la molaodi wa makgotla a hae e ne e le Abnere, mora Nere, rangwana Saule.


Saule, mohla a bonang Davida a etswa ho kgahlanyetsa Mofilesta, a re ho Abnere, molaodi wa makgotla: Abnere, mohlankana eo ke mora mang na? Abnere a re: Ka moya wa hao o utlwang, morena, ha ke tsebe.


Davida a howeletsa setjhaba le Abnere, mora Nere, a re: Ha o arabe keng, Abnere? Abnere a araba, a re: O mang ya howeletsang morena?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos