Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:8 - BIBELE

8 Jwale Abinere, mora wa Nere, e leng molaodi wa mabotho ao e neng e le a Saule, a nka Ishe-Boshete, mora wa Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:8
18 Referencias Cruzadas  

mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime.


Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


Ha Abosalome le banna bohle ba Baiseraele, ba neng ba ena le yena, ba tshela Jorodane, Davida o ne a se a fihlile Mahanaime.


Abinere le banna ba hae ba qeta bosiu bohle ba ntse ba tsamaya kgohlong ya Jorodane. Ba tshela Jorodane, ba tsamaya hara Biterone yohle, ba ba ba ya fihla Mahanaime.


Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”


Yaba kgosi e re ho bahlanka ba yona: “Na ha le tsebe hore kajeno, naheng ee ya Iseraele, ho shwele kgosana le mohlabani e moholo?


Ha ntwa e ntse e lwana pakeng tsa ntlo ya Saule le ntlo ya Davida, Abinere a iponahatsa e le yena ya matla ho ba ntlo ya Saule.


Ba morabe wa Benjamine, bao e neng e le bang ka Saule, ba ne ba le dikete tse tharo. Ho fihlela ka nako eo, bongata ba bona bo ne bo ntse bo le ka lehlakoreng la Saule.


Ba morabe wa Efraime e ne e le bahale ba dikete tse mashome a mabedi le makgolo a robedi, ba tumileng malapeng abo bona.


Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane, le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale.


Nere a tswala Kishe, Kishe a tswala Saule, Saule a tswala Jonathane le Malekishuwa, le Abinadabe, le Eshebaale.


Naheng ya morabe wa Gade ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Rama e Gileade, le makgulo a yona, le Mahanaime le makgulo a yona,


Lebitso la mosadi wa Saule e ne e le Ahinoame, moradi wa Ahimase; lebitso la molaodi wa mabotho a hae e le Abinere, mora wa Nere, rangwana Saule.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Davida a howeletsa bahlabani ba Saule, le Abinere, mora wa Nere, a re: “Ha o arabele keng, Abinere?” Abinere a arabela, a re: “O mang wena, o howeletsang kgosi?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos