Boporofeta hodima Egepeta: Bonang! Jehova o kaletse leru le bobebe, o lebile Egepeta; medimo ya Egepeta e thothomela pela hae, mme dipelo tsa Baegepeta di tepella ka ho bona.
Ke ka baka leo baahi ba teng ba hlokileng matla; ba tshohile, ba ferekane; ba jwaloka jwang ba naha bo botala le mohlwa, jwaloka jwang ba serethele se hodima ntlo, le jwaloka koro e tjheleng e eso ho tswale.
Bara ba hao ba shwele sethwathwa, ba botha dikoung tsohle tsa diterata jwaloka kgama e itshwasitseng moqetjheng; ba tletse kgalefo ya Jehova le dikgalemelo tsa Modimo wa hao.
Bahale ba Babilona ba lesitse ho lwana, ba ituletse diqhobosheaneng, ba feletswe ke bohale ba bona, ba fetohile basadi, ho tjhesitswe meaho ya bona, mekwallo ya bona e robilwe.
Howa, o purume, mora motho, hobane le ya ba setjhabeng sa ka, le ya ba ho mahosana wohle a Iseraele; a neetswe lerumong hammoho le setjhaba sa ka. Ha ho le jwalo, phathatsa seropeng sa hao.
Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.
Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.
Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!
Letsaba la ditau le kae, leo ditawana di neng di jela ho lona, moo ho neng ho santa tau e tona le e tshehadi le ledinyane la tau, ho se ya ka di tshosang?
Eitse hobane re utlwe, ra nyahama dipelo; meya ya rona kaofela ya kgathala pela lona, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke Modimo hodi-mo lehodimong, le tlase lefatsheng.