Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:27
16 Referencias Cruzadas  

Absalome a re: Ha o sa tle, ngwaneso Amnone a ke a tle le rona. Morena a re ho yena: A eleng le wena?


Le ho Amasa le re: Na ha o masapo a ka le nama ya ka na? Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha o sa bewe molaodi wa makgotla a ka kamehla, tulong tsa Joabe.


Yaba Joabe o tloha ho Davida, a romela manqosa ho lata Abnere; a ya mo kgutlisa sedibeng sa Sira, Davida a sa tsebe.


Davida ha a utlwa taba tseo, a re: Haele nna le mmuso wa ka, re tla nne re hloke kamehla pela Jehova molato wa madi a Abnere, mora Nere.


Mora Saule, ha a utlwa hobane Abnere o timetse Hebrone, matsoho a hae a tepella, le Baiseraele bohle ba tshoha.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Hape, o tseba seo Joabe, mora Tseruja, a nkentseng sona, e leng seo a se entseng balaodi ba babedi ba makgotla a Iseraele, Abnere mora Nere, le Amasa mora Jethere, kamoo a ba bolaileng kateng, a tsholla kgotsong madi a ka tshollwang ntweng, a qaphaletsa senyepa sa hae se thekeng la hae, le dieta tsa hae tse maotong a hae ka madi a ka tshollwang ntweng.


wa mothapo wa bobedi wa Manasse, Gileade, e ne e le Jiddo, mora Sakaria; wa Benjamine e ne e le Jaasiele, mora Abnere;


Hloyo e ipata ho ikgakanyeng, empa bolotsana ba yona bo tla senolwa pitsong.


Yaba Ishmaele, mora Nethania, le batho ba leshome bao a nang le bona, ba ema, ba hlaba Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, ka lerumo, ba mmolaya, e le eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha;


Mophetetsi wa madi o tla bolaya mmolai; mohla a teanang le yena, o tla mmolaya.


Ha motho a dihela ngwanabo ka baka la hloyo, kapa ha a mo betsa ka ntho e nngwe ka boomo, mme a eshwa;


Ho rohakwe ya otlang wa habo sephiring! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos