Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Davida ha a utlwa taba tseo, a re: Haele nna le mmuso wa ka, re tla nne re hloke kamehla pela Jehova molato wa madi a Abnere, mora Nere.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Hamorao, ha Davida a utlwa ketso ena, a re: “Mahlong a Morena, nna le mmuso wa ka ha re na molato le o monyenyane mading ana a Abinere, mora wa Nere.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:28
10 Referencias Cruzadas  

Jehova a re: O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le howeletsa ho nna le etswa mobung.


Ya tshollang madi a motho, le madi a hae a tla tshollwa ke motho; hobane Modimo o entse motho ka setshwantsho sa wona.


Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Jehova a busetse ho wena madi wohle a ntlo ya Saule, eo o ikentseng morena tulong tsa hae. Jehova o neile mora hao Absalome mmuso, mme bona, o tshwasitswe ke bobe ba hao, etswe o le motho ya madi.


Abnere, ha a boetse Hebrone, Joabe a mo nkela thoko, kgorong, jwaloka eka o ya bua le yena sephiring, a mpa a mo hlaba mpeng, mme a shwa, e le ka baka la madi a Asaele moenae.


Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.


Ekare ha e mong a bata motho, mme eo a eshwa, a bolawe.


Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.


Jwale, Pilato ha a bona hobane ha a thuse letho, le hoba moferefere o ntse o tota, a nka metsi, a hatlela pontsheng ho bongata, a re: Ha ke na molato mading a motho eo ya lokileng; ho iponele lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos