Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 3:28 - BIBELE

28 Hamorao, ha Davida a utlwa ketso ena, a re: “Mahlong a Morena, nna le mmuso wa ka ha re na molato le o monyenyane mading ana a Abinere, mora wa Nere.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Davida ha a utlwa taba tseo, a re: Haele nna le mmuso wa ka, re tla nne re hloke kamehla pela Jehova molato wa madi a Abnere, mora Nere.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:28
10 Referencias Cruzadas  

Morena a re: “O entseng? Lentswe la madi a ngwaneno le ipiletsa ho nna le etswa mobung.


“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.


Yaba Davida o re ho mmolauwa: “Ke wena ya ipolaileng, hobane o boletse ka molomo wa hao, wa re: ‘Ke bolaile motlotsuwa wa Morena!’ ”


Morena o o ahlolela madi wohle ao o a tsholotseng, a bana ba ntlo ya Saule, eo o ikgapetseng mmuso wa hae; jwale Morena o neile mora wa hao, Abosalome, mmuso ona, mme wena o kgatilwe ke bokgopo ba hao, hobane o mmolai!”


Hoba Abinere a fihle Heborone, Joabe a mo nkela kathokwana ho kgoro ya motse, yaka o ilo bua le yena ka lekunutu, yaba o mo phehletsa mpeng, a mmolaya ho phetetsa madi a Asaele, ngwanabo.


Madi ao a botswe Joabe le bohle ba ntlo ya ntatae. Tlung ya Joabe ho nne ho be le ya nang le seso se qhitsang, kapa ya nang le lepera, kapa ya holofetseng hoo a tsamayang ka melamu, kapa ya bolawang ka sabole, kapa eo e leng mokopakopa.”


“Ya otlang motho, mme motho eo a eshwa, ruri o tla bolawa.


“ ‘Kahoo le se ke la silafatsa naha eo le phelang ho yona, hobane madi a tshollwang a silafatsa naha. Naha e ke ke ya etsetswa tefelo ya madi a tsholletsweng ho yona, haese feela ka madi a ya tsholotseng madi ao.


Yare ha Pilato a bona hore ha ho thuse letho, lerata le mpa le eketseha, a nka metsi, a hlapa matsoho pontsheng ya letshwele, a re: “Ha ke na molato mading a motho enwa; ke tabeng ya lona!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos