Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 3:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Madi ao a ke a be hloohong ya Joabe le tlung yohle ya ntatae; ho se ke ha hlokeha ha habo Joabe ya nang le phallo ya madi, kapa molepera, kapa ya ikokotlelang ka lere, leha e le ya wang ka lerumo, leha e le ya hlokang bohobe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Madi ao a botswe Joabe le bohle ba ntlo ya ntatae. Tlung ya Joabe ho nne ho be le ya nang le seso se qhitsang, kapa ya nang le lepera, kapa ya holofetseng hoo a tsamayang ka melamu, kapa ya bolawang ka sabole, kapa eo e leng mokopakopa.”

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 3:29
18 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho yena: Madi a hao a be hloohong ya hao, hobane o ikahlotse ka molomo wa hao, ha o itse, ke wena ya bolaileng motlotsuwa wa Jehova.


Jehova a busetse ho wena madi wohle a ntlo ya Saule, eo o ikentseng morena tulong tsa hae. Jehova o neile mora hao Absalome mmuso, mme bona, o tshwasitswe ke bobe ba hao, etswe o le motho ya madi.


Davida ha a utlwa taba tseo, a re: Haele nna le mmuso wa ka, re tla nne re hloke kamehla pela Jehova molato wa madi a Abnere, mora Nere.


Naamane, molaodi wa makgotla a Siria, e be e le motho e moholo pela monga hae; o ne a roriswa, hobane Jehova a ne a pholositse Siria ka yena; empa monna eo ya matla, ya bohale, e ne e le molepera.


Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.


Ke tla rorisa Jehova ka baka la ho loka ha hae, ke binele lebitso la Jehova, la Mookamedi ya phahameng.


ha a ka tsoha, a ba a itsamaela kantle ka lere la hae, ya mo otlileng o tla hloka molato, feela o tla lefela ho dula ha hae, mme a mo oke, a be a fole ruri.


Bolellang bana ba Iseraele, le re ho bona: Monna e mong le e mong ya nang le ho dutla mmeleng wa hae, o sesila ka baka la ho dutla ha hae.


Le ke ke la silafatsa naha eo le tlang ho aha ho yona; hobane madi a silafatsa naha; ho ke ke ha etswa pheko esele ya madi a tsholotsweng ho yona, haese ka madi a ya a tsholotseng.


Babarebare ha ba bona noha eo e leketla letsohong la hae, ba bolellana, ba re: Ruri motho enwa ke mmolai; hobane, leha a pholohile metsing, tefetso ya lehodimo e hana hoba a ka phela.


Baholo bohle ba motse oo o leng haufi le motho ya bolailweng, ba tla hatlela matsoho hodima sethole seo se robilweng molala molapong.


Erekaha ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba file madi ho nwa; hobane ho ba loketse.


e le hore molato wa polao ya bara ba Jerubbaale ba mashome a supileng, le madi a bona a busetswe ho ngwanabo bona Abimeleke ya ba bolaileng, le ho beng ba Sikeme ba mo thusitseng ho bolaya banababo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos