Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi).
2 Samuele 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Abnere, mora Nere, ba ena le bahlanka ba Ishe-Boshethe, mora Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone. BIBELE Yaba Abinere, mora wa Nere, le bahlabani ba Ishe-Boshete, mora wa Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone. |
Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi).
Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.
Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.
Joshua a rapela Jehova, mohla Jehova a neelang Baamore matsohong a bana ba Iseraele, a bua pontsheng ya bana ba Iseraele, a re: Letsatsi, ema hodima Gibeone, le wena kgwedi, sekgutlong sa Ajalone!
a tshoha haholo, hobane Gibeone e be e le motse o moholo, o kang o mong wa metse ya moreneng, le hobane o ne o feta Ai ka boholo, le banna bohle ba teng e ne e le dinatla.
Tloong ho nna le nthuse, re tle re otle Gibeone; hobane ba teng ba entse kgotso le Joshua le bana ba Iseraele.
Ha ekaba a ka lwana le nna, a mpolaya, re tla ba bahlanka ba lona; ha nka mo hlola, ka mmolaya, le tla ba bahlanka ba rona, le re sebeletse.