Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 32:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi).

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 mme yare ha Jakobo a a bona, a re: “Lena ke lebotho la Modimo!” Yaba o rea sebaka seo lebitso la Mahanaime.

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:2
17 Referencias Cruzadas  

Haele Davida, a ya fihla Mahanaime; Absalome yena, a tshela Jordane, a ena le batho bohle ba Iseraele.


Abnere, mora Nere, ba ena le bahlanka ba Ishe-Boshethe, mora Saule, ba tloha Mahanaime, ba ya Gibeone.


Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Hape, o na le Shimei, mora Gera, Mobenjamine wa Bahurime; ke yena ya kileng a nthohaka ka hlapa e bohloko, mohla ke yang Mahanaime. Empa eitse ha ke kgutla, a theoha ho nkgahlanyetsa Jordane; teng, ka mo hlapanyetsa ka Jehova, ka re: Nke ke ka o bolaya ka lerumo.


Ke Akinadabe, mora Iddo, Mahanaime;


Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.


Ka matsatsi wohle, ha nna ha fihla batho ho Davida ho mo tlatsa, ho fihlela ba ba ba etsa sera se seholo, se kang sera sa Modimo.


Bokang Jehova, lona makgotla a hae kaofela, lona bahlanka ba hae kaofela, ba etsang ho ratwang ke yena!


Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela! Mo roriseng, lona makgotla a hae kaofela!


Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova wa makgotla, ke yena e leng Morena wa kganya. (Sela.)


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


Kgutla, kgutla, Sulamithe; kgutla, kgutla, re tle re o tadime. — Na le tadimelang Sulamithe jwalokaha eka e le diema tse pedi tsa mohobelo.


A re: Hleka o tseba seo ke tlileng ho wena ka baka la sona na? Jwale, ke ikgutlela ho ya lwantsha kgosana ya Persia, mme ha ke se ke tlohile, bona, kgosana ya Bagerike e tla fihla.


Yaba bongata ba makgotla a lehodimo bo phakisa bo eba le lengeloi leo, ba boka Modimo, ba re:


Lelokong la Gade, Ramothe-Gileade le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai, le Mahanaime le meraka ya wona;


Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos