Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 32:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 32:3
23 Referencias Cruzadas  

le Bahore, thabeng ya bona ya Seire, ho isa eikeng e Parane, haufi le lefeella.


Yaba Esau o re ho Jakobo: Ako mphe hle, ke je bofubedu boo, hobane ke kgathetse. Ke ka baka leo a reilweng lebitso la Edomo.


Oho, o ntwele letsohong la moholwane wa ka, letsohong la Esau, hobane ke a mo tshaba, hoba a ka tla a mpolaya, le mma bana le bana.


Yaba Jakobo o tshoha haholo, a tsieleha, a arola batho bao a nang le bona, le manku le makgomo, le dikamele, a etsa dihlopha di le pedi.


Morenaka a ke a etelle mohlanka wa hae pele, mme nna ke tla qhobaqhoba butlenyane ka ho lekanya maoto a dintho tse pela ka, le maoto a bana, ke be ke finyelle Seire ho morenaka.


Yaba Esau o kgutla ka tsela ya hae ka lona tsatsi leo, a ya Seire.


Empa Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Saule, a nka Ishe-Boshethe, mora Saule, a mo tshedisetsa Mahanaime.


Yaba Elisha o rapela, a re: Jehova, tutubolla mahlo a hae hle, a tle a bone. Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka, mme a bona thaba e tletse dipere le makoloi a mollo, a teetse Elisha hare ka nqa tsohle.


Haele banna ba hlomeletseng ntwa, ba neng ba tle ho Davida, Hebrone, ho fetisetsa borena ba Saule ho yena, ka taelo ya Jehova, palo ya bona ka dihlooho tsa bona ke ena:


Moradi wa morena, maoto a hao a matle hakakang dirwalong tsa wona! Dithopola tsa dinoka tsa hao di jwaloka mekgabo e sebeditsweng ke moetsi wa sebele;


Boporofeta hodima Duma: Mohoo o tswang Seire o fihlile ho nna, o re: Sebohodi, nako ya bosiu ke efe? Sebohodi, nako ya bosiu ke efe?


Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


Bonang, ke a roma lenqosa la ka, le tle le hleke tsela pela ka; mme hang, Morena eo le mmatlang o tla kena tempeleng ya hae, e leng lengeloi la selekane leo le le lakatsang. Bonang, o a tla, ho bolela Jehova wa makgotla.


Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;


A roma manqosa a mo etellang pele; bao ba tloha, ba kena motseng wa Basamaria, ho mo lokisetsa.


Ho tloha Horebe, ho ya fihla Kadeshe-Barnea, ka tsela ya thaba ya Seire, ke matsatsi a leshome le motso o mong.


Jehova o ne a etse jwalo le bakeng sa bana ba Esau ba ahileng Seire, mohla a fedisang Bahore pela bona, ba ba ba ba lelekisa; ba ile ba aha tulong tsa bona ho fihlela kajeno.


le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.


Naha ya bona ke ho tloha Mahanaime, Bashane kaofela, mmuso wohle wa Oge, morena wa Bashane, le metsana yohle ya Jaire, e Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng;


mme ka nea Isaaka Jakobo le Esau; Esau yena ka mo nea thaba ya Seire hore a e rue; empa Jakobo le bara ba hae ba theohela Egepeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos