Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le Joabe, mora Tseruja, ba ena le bahlanka ba Davida, ba tswa, ba ya teana le bona letsheng la Gibeone; bana ba ema ka kwano ho letsha, bao ba ema ka nqane ho letsha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:13
13 Referencias Cruzadas  

Bara ba bararo ba Tseruja, Joabe le Abishai le Asaele ba ne ba le teng; Asaele o ne a le bobebe maotong jwaloka tshephe ya naha.


Ha ho le jwalo, Joabe ya nna ya eba molaodi wa makgotla wohle a Iseraele: Benaia, mora Jehojada, e ne e le molaodi wa Bakerethe le Bapelethe;


Ba re ba sa fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a teana le bona. Haele Joabe, o ne a ikgahlotse ka sabole hodima diaparo tseo a di apereng; e ne e le ka selateng sa yona, e tlamilwe thekeng la hae. Yare ha a tsamaya, ya tswa, ya wela fatshe.


Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le e mong wa ba mashome a mararo; le Elkanane, mora Dodo wa Bethlehema;


Joabe, mora Tseruja, e ne e le molaodi wa makgotla; Josafate, mora Akilude, e ne e le mmoloki wa mangolo a mmuso;


Adonija a rera le Joabe mora Tseruja, le Abiathare moprista, ba tlatsa Adonija, ba mo latela.


Hape, o tseba seo Joabe, mora Tseruja, a nkentseng sona, e leng seo a se entseng balaodi ba babedi ba makgotla a Iseraele, Abnere mora Nere, le Amasa mora Jethere, kamoo a ba bolaileng kateng, a tsholla kgotsong madi a ka tshollwang ntweng, a qaphaletsa senyepa sa hae se thekeng la hae, le dieta tsa hae tse maotong a hae ka madi a ka tshollwang ntweng.


Davida o ne a itse: Ya tla qhala Bajebuse pele, e tla ba kgosana le morena. Joabe, mora Tseruja, a hlwa pele, mme a etswa kgosana.


dikgaitsedi tsa bona ke Tseruja le Abigaile. Bara ba Tseruja ke Abishai, Joabe, le Asaele; bona ba bararo.


Kgweding ya bone, molaodi wa bone e ne e le Asaele ngwanabo Joabe; ya mo hlahlamang ya eba mora hae Sebadia; hlopheng sa hae o ne a na le batho ba kete tse mashome a mabedi a metso e mene.


Yaba ba nka batho ba bona kaofela, ba phalla ho lwantsha Ishmaele, mora Nethania; ba mo fihlela metsing a maholo a haufi le Gibeone.


Ebile Davida o bua, a laela Akimeleke Mohethe, le Abishai, mora Tseruja, ngwanabo Joabe, a re: Ke mang eo re tla theohela le yena ho Saule diahelong na? Abishai a re: Ke nna ke tla theoha le wena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos