Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:13 - BIBELE

13 Jwale bo-Joabe, mora wa Seruya, le bahlabani ba Davida, le bona ba tloha Heborone, ba ya kopana le bao pela letshana la Gibeone. Ba dula fatshe; ba bang ka nqena ho letshana, ba bang ka nqane ho lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Le Joabe, mora Tseruja, ba ena le bahlanka ba Davida, ba tswa, ba ya teana le bona letsheng la Gibeone; bana ba ema ka kwano ho letsha, bao ba ema ka nqane ho letsha.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:13
13 Referencias Cruzadas  

Bara ba bararo ba Seruya, e leng Joabe, le Abishai, le Asaele, ba ne ba le teng; Asaele a le lebelo jwaloka kgama ya naha.


Joabe ya eba molaodi wa mabotho wohle a Iseraele. Benaya, mora wa Jehoyada, yena ya eba molaodi wa lebotho la Bakerete le Bapelete.


Eitse ha ba fihla lefikeng le leholo le Gibeone, Amasa a kgahlana le bona. Joabe o ne a apere seaparo sa bohlabani, se tlamilweng ka leqhama le nang le sabole. Sabole eo e ne e le ka selateng sa yona, e tlameletswe thekeng ho yena. Ha a ntse a tsamaya, sabole eo ya monyohela fatshe.


Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le e mong wa ba mashome a mararo. Ba bang e ne e le: Elehanane, mora wa Dodo wa Betlelehema,


Joabe, mora wa Seruya, ya eba molaodi wa mabotho; Jehoshafate, mora wa Ahilode, yena ya eba mongodi wa diketsahalo.


A etsa mmomori le Joabe, mora wa Seruya, le moprista Abiatare, mme bao ba mo tlatsa.


“Hape o tseba seo Joabe, mora wa Seruya, a neng a nketse sona; e leng seo a neng a se etse ho balaodi ba babedi ba mabotho a Iseraele, bo-Abinere, mora wa Nere, le Amasa, mora wa Jetere. O ne a ba bolaye, a tsholla madi nakong ya kgotso, jwalokaha eka ke ntweng. Ka hona madi ao a qaphaletsa leqhama le lethekeng la hae, le meqathatso e maotong a hae.


Davida a re: “Mang kapa mang ya tla bolaya Mojebuse pele, e tla ba molaodi e moholo.” Joabe, mora wa Seruya, a tlola pele, mme ya eba yena molaodi.


Dikgaitsedi tsa bona e ne e le Seruya le Abikaele. Bara ba Seruya ba ne ba le bararo, e le Abishai, le Joabe, le Asaele.


Asaele, ngwanabo Joabe, e ne e le molaodi wa lebotho le kenang mosebetsing ka kgwedi ya bone. Sebadiya, mora wa hae, o ne a mo hlahlama. Lebotho la hae le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.


ba nka bahlabani bohle ba bona, ba futuhela Ishemaele, mora wa Netaniya, ba mo fumana haufi le letsha le leholo la Gibeone.


Jwale Davida a botsa Ahimeleke wa Mohete, le Abishai, mora wa Seruya, ngwanabo Joabe, a re: “Ke mang ya tla theohela le nna diahelong tsa Saule?” Yaba Abishai o re: “Ke tla theohela le wena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos