Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 17:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 17:14
25 Referencias Cruzadas  

A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Jwale Davida a tsebiswa, ha thwe: Akitofele ke e mong wa ba emelanang le Absalome. Davida a re: Oho, Jehova, o etse keletso ya Akitofele lefeela.


empa ha o ka boela hae, wa re ho Absalome: Oho, morena, ke tla ba mohlanka wa hao; jwalokaha ke bile mohlanka wa ntatao, ke be mohlanka wa hao jwale, moo o tla nketsetsa merero ya Akitofele ntho feela.


Mehleng eo, keletso eo Akitofele a neng a eletsa ka yona, e be e kgodisa jwaloka eka ho botsitswe molomo wa Modimo. Keletso tsohle tsa Akitofele di ne di le kalo ho Davida le ho Absalome.


Ha ho le jwalo, morena ha a ka a mamela setjhaba; hoo empa ho ne ho hlahisitswe ke Modimo, hore Jehova a tle a phethisise lentswe leo a neng a le buile ka Akija wa Silo ho Jeroboame, mora Nebathe.


A mpa a lesa keletso eo banna ba baholo ba mo eleditseng ka yona, a ya botsa banna ba batjha, ba neng ba hodile le yena, ba emeng pela hae,


A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.


Amatsia a mpa a se ke a mamela, hobane e ne e le taba e tswang ho Modimo, hore o tle o ba neele matsohong a dira, kahobane ba ne ba batlile medimo ya Edomo.


Eitse ha dira tsa rona di utlwa hoba taba tsa bona di tsejwa ke rona, kahoo Modimo wa qhala morero wa bona, mme bohle ra boela lerakong, e mong le e mong mosebetsing wa hae.


O isa baeletsi kgolehong ba hlobodisitswe, o tsietsa baahlodi;


Baditjhaba ba tebela lemeneng leo ba itjheketseng lona; maoto a bona a tshwaswa lerabeng leo ba le patileng.


Jehova o iponahaditse, o lokisitse; o tshwasa ya kgopo ketsong ya diatla tsa hae. (Higgaione. Sela.)


Empa ke o tloheletse hona hoo, ke bonahatse matla a ka ka wena, le hore lebitso la ka le tume lefatsheng lohle.


Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Rerang taba, e tla fetoha lefeela; laelang taba, e ke ke ya hlaha, hobane Modimo o na le rona.


Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?


Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma;


Mme monga hae a rorisa qhoku e sa lokang, hobane e entse ka bohlale. Efela bana ba lefatshe lena, molokong oo e leng wa bona, ba fetisa bana ba lesedi ka bohlale.


Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.


Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


hobane e ne e le Jehova ya thstsfaditseng pelo tsa bona hore ba lwantshe Iseraele, a tle a ba timetse, ba tle ba se ke ba bona mohau, a mpe a ba fedise, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos