2 Samuele 17:14 - BIBELE14 Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)14 Yaba Absalome le Baiseraele bohle, ba re: Keletso ya Hushai Moarke e ntle haholo ho fetisa keletso ya Akitofele. Athe ke Jehova ya neng a laetse hore ho senngwe keletso e ntle ya Akitofele, e le hore Jehova a hlahisetse Absalome kotsi. Ver Capítulo |
Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”