1 Samuele 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lentswe la Samuele le ne le fihlela Baiseraele kaofela. Jwale Baiseraele ba tswa, ba futuhela Bafilesta; ba tla emisa pela Eben-Esere; Bafilesta bona ba emisa Afeke. BIBELE Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke. |
Ba tlotseng ba tshabela motseng wa Afeke, empa lerako la wela hodima ba kete tse mashome a mabedi a metso e supileng ho ba tlotseng. Ben-Hadade le yena a baleha, a kena motseng, a ipata phaposing e nngwe.
Kajeno, emang kaofela ha lona pela Jehova, Modimo wa lona, le ena le dihlooho tsa meloko ya lona, le baholo ba lona, le bahlahlobi ba lona, le banna bohle ba Iseraele;
Hape ke naha ya Baavve ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Bakanana, le Meara eo e leng wa Basidone, ho isa Afeke, le moeding wa Baamore.
Hape, ke Umma le Afeke, le Rehobe: ke metse e mashome a mabedi a metso e mmedi le metsana ya yona.
Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.
Jwale Bafilesta ba kgobokanyetsa makgotla wohle a bona Afeke; Baiseraele bona ba emisa sedibeng se Jisreele.
Jehova a re ho Samuele: Bona, ke se ke tla etsa Iseraeleng taba eo, e mong le e mong ya e utlwang, tsebe tsa hae tse pedi di tla duma.
Bafilesta ba tla ka makgotla ho lwantsha Baiseraele; Baiseraele ba hlolwa ke Bafilesta, mme makgotleng a bona ha bolawa banna ba batlileng ho ba kete tse nne.
Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.
Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.