Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 4:1 - BIBELE

1 Puo ya Samuele ya utlwahala hohle naheng ya Iseraele. Baiseraele ba futuhela Bafilesita. Baiseraele ba hloma pela Ebenesere, Bafilesita bona ba hloma Afeke.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lentswe la Samuele le ne le fihlela Baiseraele kaofela. Jwale Baiseraele ba tswa, ba futuhela Bafilesta; ba tla emisa pela Eben-Esere; Bafilesta bona ba emisa Afeke.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 4:1
14 Referencias Cruzadas  

Ha selemo se thwasa, Bene-Hadade a kgobokanya Baarame, a nyolohela Afeke, a futuhela Baiseraele.


Ba phonyohileng ba balehela motseng wa Afeke, empa lerako la motse la pitla ba dikete tse mashome a mabedi a metso e supileng ba bona. Bene-Hadade le yena a balehela motseng, a fihla a kena ka kamoreng e kahare.


Baahi ba Edomo le Baishemaele, Bamoabe le Bahagare,


“Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele,


le kgosi ya Afeke, le kgosi ya Lasharone,


Ho tloha ka borwa, naha yohle ya Bakanana, le ya Meara, eo e neng e le ya Basidone, ho ya fihla Afeke, le ho ya fihla moeding wa Baamore.


le Janume, le Bete-Tapua, le Afeka,


le Uma, le Afeke, le Rehobe. Metse e ne e le mashome a mabedi a metso e mmedi, le metsana ya yona.


Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”


Bafilesita ba kgobokanyetsa mabotho a bona wohle Afeke. Baiseraele bona ba hloma haufi le sediba se Jesereele.


Morena a re ho Samuele: “Bona mona, ho na le ntho eo ke tla e etsa naheng ena ya Iseraele, hoo ditsebe tsa e mong le e mong ya tla e utlwa di tla lla mangenengene.


Bafilesita ba etsa theko ya ntwa, ba kgahlanyetsa Baiseraele. Ntwa ya lwela, Bafilesita ba hlola Baiseraele habohloko, mme bahlabani ba dikete tse nne ba Baiseraele ba bolaelwa hona moo.


Ha Bafilesita ba se ba hapile areka ya Modimo, ba e tlosa Ebenesere ba e isa Ashedode.


Yaba Samuele o nka lejwe le le leng, o le hloma pakeng tsa Misepa le Shene, o le rea lebitso la Ebenesere, o re: “Morena o re thusitse ho fihlela mona.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos