Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 3:21 - BIBELE

21 Morena a boela a iponahatsa Shilo, hobane Morena o ne a ile a iponahatsa Shilo, ho Samuele, ka lentswe la Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova a boela a itlhahisa Silo; ke hona Silo moo Jehova a neng a itshenolela Samuele ka lentswe la hae la Jehova.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 3:21
12 Referencias Cruzadas  

Morena a iponahatsa ho Aborame, a re: “Naha ena ke tla e nea ditloholo tsa hao.” Yaba Aborame o hahela Morena ya iponahaditseng ho yena aletare.


Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


banna ba mashome a robedi, ba beotseng ditedu, ba hahotseng diaparo tsa bona, ba iphatsitseng, ba fihla ba etswa Shekeme, le Shilo, le Samaria, ba tliseditse Tempele ya Morena dinyehelo tsa dijo le mokubetso.


Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.


Morena a re ho bona: “Jwale utlwang mantswe a ka: Haeba ho na le moporofeta hara lona, nna, Morena, ke tla itsebisa yena ka pono, ke tla bua le yena ka toro.


“Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele,


Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,


Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”


Moshanyana, Samuele, a nna a sebeletsa Morena tlasa bookamedi ba Eli. Mehleng eo lentswe la Morena le ne le utluwa sewelo, le dipono di sa ata.


Morena a tla, a fihla a ema pela hae, mme a mmitsa jwalokaha a ile a mmitsa ka makgetlo a pele: “Samuele! Samuele!” Yaba Samuele o re: “Bua Morena, hobane mohlanka wa hao o mametse.”


Morena a bitsa Samuele, mme Samuele a re: “Ke nna enwa!”


Ka letsatsi le kapele ho la ho fihla ha Saule, Morena o ne a ile a senolela Samuele, a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos