Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 5:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele Bafilesta, ba ne ba nkile areka ya Modimo; ba e tlosa Eben-Esere, ba e isa Ashdode.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha Bafilesita ba se ba hapile areka ya Modimo, ba e tlosa Ebenesere ba e isa Ashedode.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 5:1
12 Referencias Cruzadas  

wa lesa kganya ya wona ya iswa kgolehong, le bokgabane ba wona ba wela matsohong a dira;


Ka selemo seo Tharthane a neng a futuhele Ashdode, mohla a rongwang ke Sargone, morena wa Assiria, a ba a patela Ashdode, a o hlola,


Howeletsa hodima matlo a borena a Ashdode le hodima matlo a borena a lefatshe la Egepeta, le re: Phuthehelang dithabeng tsa Samaria, le tle le bone meferefere e mengata e hara yena, le dihloriso tse leng ho yena.


Haele Filipi, a tshoha a se a le Asote, mme ha a ntse a tsamaya, a bolela Evangeli metseng yohle, a ba a fihla Sesarea.


Ha ho a ka ha sala motho le a mong wa Baanake fatsheng la bana ba Iseraele; feela ha nna ha sala ba seng bakae Gasa, le Gathe, le Ashdode.


ho tloha nokeng ya Shikore, e mathang pela Egepeta, ho isa moeding wa Ekrone, nqa leboya, moo ho thweng, ke ha Bakanana; teng ho na le kgosana tse hlano tsa Bafilesta, ya Gasa, le ya Ashdode, le ya Ashkelone, le ya Gathe, le ya Ekrone.


Lentswe la Samuele le ne le fihlela Baiseraele kaofela. Jwale Baiseraele ba tswa, ba futuhela Bafilesta; ba tla emisa pela Eben-Esere; Bafilesta bona ba emisa Afeke.


Le areka ya Modimo ya hapuwa, mme bara ba babedi ba Eli, hofni le Finease, ba bolawa.


A rialo, a re: Letlotlo le tlohile Iseraeleng, hobane areka ya Modimo e hapilwe.


Areka ya Jehova e ne e se e dutse kgwedi tse supileng naheng ya Bafilesta,


Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos