La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




1 Bakorinthe 13:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le mamella tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le jara tsohle.

Ver Capítulo

BIBELE

Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.

Ver Capítulo



1 Bakorinthe 13:7
29 Referencias Cruzadas  

Jakobo a nna a sebelletsa Ragele ka dilemo tse supileng, mme tsa eba ho yena jwaloka matsatsi a seng makae, kahobane a ne a mo rata.


Bonang, o ka mpolaya, ha ho sa le kamoo nka tshepang kateng. Ke mpa ke rata ho hlahisa mekgwa ya ka pela wona;


O nthute kutlwisiso e ntle le tsebo, hobane ke dumetse ditaelo tsa hao.


Hloyo e hotetsa dikomang, empa lerato le apesa ditshito tsohle.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Jesu a re ho yena: O reng ha o re, ha nka tseba ho thusa? Dumela: tsohle di ka etsetswa ya dumelang.


Jwale, rona ba matla, re tshwanetse ho jara mefokolo ya ba fokolang, mme re se ke ra batla ho kgahlisang rona feela.


Hobane re bolokehile ka tebello; athe se lebeletsweng ha se se se bonwe, ha e sa le tebello; hobane seo motho a se bonang, a ka se lebella jwang?


Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mona; lerato ha le na boikgantsho; ha le ikgohomose.


Mme ha ba bang ba ena le tokelo ya ho etsa jwalo ho lona, ana haholoholo hase ya rona na? Athe ha re a ka ra etsa ka tokelo eo; re mpa re mameletse tsohle, re tle re se ke ra beela Evangeli ya Kreste thibelo leha e le nngwe.


Jarelanang diphahlo, mme le phethe jwalo molao wa Kreste.


Mohlang oo, ka le bolella, ka re: Ke sitwa ho le jara ke nnotshi.


hobane morwetsana ya lebeleditsweng o fumanwe ke eo naheng, mme o memeditse, mme ho ne ho se e mong ya ka mo namolelang.


Ke hona re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la sebete sa lona le la tumelo ya lona dihlorisong le matshwenyehong ao le a mamellang;


Mohlanka wa Morena ha a tshwanela ho lwana; empa e ka kgona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete.


le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.


Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao.


Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Haholoholo, le ratane ka phehello, hobane lerato le apesa dibe tse ngata.