Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 13:7 - BIBELE

7 Le iphapanyetsa tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le mamella tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Le mamella tsohle, le dumela tsohle, le tshepa tsohle, le jara tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 13:7
29 Referencias Cruzadas  

Jakobo a sebeletsa bohadi ba Ragele ka dilemo tse supileng, empa ka baka la lerato leo a neng a rata Ragele ka lona, dilemo tseo tsa ka ditshiu tse seng kae.


Haeba a mpolaya ke tla nne ke mo tshepe, ke tla buella metsamao ya ka thaka di tadimane.


Nthute bohlale le tsebo, hobane ke tshepa melao ya hao.


Lehloyo le fehla moferefere, athe lerato lona le iphapanyetsa diphoso tsohle.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa.


Jesu a re ho yena: “O re, ‘haeba o ka etsa!’ Tsohle di ka etsahala ho ya dumelang!”


Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.


Re pholositswe ka ho lebella ka tshepo, empa ho lebella se seng se le teng ha e sa le ho tshepa, hobane motho a ka lebella jwang seo a seng a ena le sona?


Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono, ha le na boikakaso, ha le na boikgohomoso,


Haeba ba bang ba ena le tokelo eo ho lona, na tokelo ya rona e ke ke ya eba kgolo ho feta ya bona? Leha ho le jwalo, ha re a ka ra sebedisa tokelo eo, empa re iphapanyeditse tsohle, e le hore re se ke ra kgina molaetsa o molemo wa Kreste.


Jarelanang mefokolo, mme ka hona le tla phetha molao wa Kreste.


“Ka nako eo ke ile ka bua ho lona, ka re: ‘Ke sitwa ho jara boikarabelo tabeng tsa lona ke le mong.


Monna enwa o fumane morwetsana hara naha, mme leha eba morwetsana enwa ya lebeleditsweng a ne a ile a hlaba mokgosi, ho ne ho se ya ka mo thusang.


Ke kahoo re ithorisang ka lona dikerekeng tsa Modimo, ka baka la tiisetso le tumelo ya lona hara ditlhoriso tsohle tsa lona, le matshwenyeho ao le a mamellang.


Mohlanka wa Morena ha a tshwanele ho lwana, empa eka kgona a be mosa ho bohle, a tsebe ho ruta, a be le mamello.


ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.


Empa wena o itshware dinthong tsohle, u tiisetse matshwenyeho, o etse mosebetsi wa ho phatlalatsa molaetsa o molemo, o phethe tshebetso ya hao hantle.


Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae.


Ho lehlohonolo motho ya mamellang teko, hobane ha a se a amohelehile, o tla fumana mofapahlooho wa bophelo, oo Morena a o tshepisitseng ba mo ratang.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Ho feta tsohle le ratane ka lerato le mofuthu, hobane lerato le tlosa dibe tse ngata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos