Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe haele boporofeta, bo tla fela; leha e le dipuo, di tla lesa ho ba teng, le yona tsebo e tla fela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla, empa dipolelo tsa boporofeta di tla fela, le neo ya maleme asele e tla kgaotsa, le tsebo e tla fela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Lerato ha le fele le ka mohla; leha ho le maleme, a tla kgaotsa; leha ho le tsebo, e tla fela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Lerato ha le fele le ka mohla; leha ho le maleme, a tla kgaotsa; leha ho le tsebo, e tla fela.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 13:8
14 Referencias Cruzadas  

Bakeng sa Edomo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Na ha ho sa le bohlale Themane? Na kelello e timetse ho baeletsi? Na bohlale ba bona bo fedile na?


empa nna ke o rapeletse hore tumelo ya hao e tle e se ke ya fela. Jwale, wena, etlere hobane o bake, o tiise banabeno.


Baporofeta le baruti ba bang ba ne ba le teng Antioke, kerekeng ya teng Antioke, e le Barnabase, le Simone, ya reilweng Nigere, le Lusiuse, wa Sirene, le Manahene, ya neng a hodisitswe le Heroda moteterareke, le Saule.


Yare ha Pauluse a ba beile matsoho, Moya o Halalelang wa tla hodima bona, ba bua dipuo, mme ba porofeta.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.


E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.


Empa mohla ho hlahang phetheho, ke moo se leng ka nqa e le nngwe feela se tla fediswa.


Mme jwale, tse tharo tsena di a sala: tumelo, le tebello, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Ho feleng, banabeso, tjhesehellang ho porofeta, haholo, mme le se ke la thibela ha ho buwa ka dipuo.


Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Hobane ho Jesu Kreste, ho bolla le boqai ha di thuse letho, empa ho thusa tumelo e sebetsang ka lerato.


Jwale, ha a bolela selekane se setjha, sa pele o se etsa ntho e tsofetseng, mme ntho e tsofetseng, ya mokgulela, e se e ya timela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos