Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 13:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Lerato ha le fele le ka mohla; leha ho le maleme, a tla kgaotsa; leha ho le tsebo, e tla fela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong. Athe haele boporofeta, bo tla fela; leha e le dipuo, di tla lesa ho ba teng, le yona tsebo e tla fela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Lerato ha le ka ke la fela le ka mohla, empa dipolelo tsa boporofeta di tla fela, le neo ya maleme asele e tla kgaotsa, le tsebo e tla fela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Lerato ha le fele le ka mohla; leha ho le maleme, a tla kgaotsa; leha ho le tsebo, e tla fela.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 13:8
14 Referencias Cruzadas  

Empa ke o rapetse, hore tumelo ya hao e se ke ya fela, mme ha o sokolohile, o matlafatse banabeno.


Jwale Antioke ho ne ho ena le baporofeta le baruti ba bang phuthehong ya teng e le Barnabase, le Simeone, ya bitswang Nigere, le Lusiase wa Cyrene, le Manaene, ya neng a hodisitswe le Heroda, le Saule.


Eitse hobane Pauluse a ba bee matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona; mme ba bua ka dipuo, mme ba porofeta.


Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo tse ding, kamoo Moya o ba buisang kateng.


E mong o etsa mehlolo; ho e mong boprofeta; e mong temoho ya meya; e mong mefuta e fapaneng ya maleme; e mong ke tlhaloso ya dipuo.


Empa mohla se phethehileng se fihla, se sa fellang se tla fela.


Mme jwale, tsena tse tharo ke tumelo, le tshepo, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Ka baka leo, bana beso, le duma ho porofeta, mme le se ke la thibela ho bua ka maleme asele.


Mme ekare ha motho a nahana hore o tseba taba, ha a eso ho tsebe kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.


Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos