Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 13:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Kahoo a re mo kgahlanyetseng kantle ho diahelo, re ntse re jere sekgobo sa hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Ka baka leo, a re tsweleng ho yena kantle ho diahelo, re jere sekgobo sa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ka baka leo, a re tsweleng ho yena kantle ho diahelo, re jere sekgobo sa hae.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 13:13
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.


Ha ba etswa, ba fumana monna wa Sirene, ya bitswang Simone, ba mo qobella hore a jare sefapano sa Jesu.


Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.


Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.


A ba a bolella bohle, a re: Ekare ha e mong a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntshale morao.


Baapostola ba tloha kgotla, ba thabile kahobane ba entswe ba tshwanelwang ke ho hlabiswa dihlong ka baka la lebitso la Jesu.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


re ntse re tadimile Jesu, moqadi le mophethi wa tumelo, ya mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsweng, a sa kang a re letho ka dihlong, a ba a ya dula letsohong le letona la terone ya Modimo.


Le fele le lemohe ya mameletseng kganyetso e kalo ya baetsadibe, le tle le se ke la kgathala ke ho fellwa ke dipelo.


Ha le eso ho lwane madi a ba a hlaha, ntweng eo le e lwanang le sebe.


Ke moo ba makalang ha le sa mathele hammoho le bona kgaphatsehong eo ya bohlola, mme ba le nyefola ke hona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos