Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Timothea 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 le dihloriso le tse bohloko tse kileng tsa ntlhahela Antioke, le Ikone, le Listra, le dihloriso dife le dife tseo ke di mameletseng; empa Morena o ntwetse ho tsona kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 ditlhorisong le ditlhokofatsong tse ileng tsa ntlhahela Antiokia, Ikonione le Lesitera. Ditlhoriso tseo ke ileng ka di mamella ke tse kaakang! Empa Morena o ile a ntopolla ho tsona kaofela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

11 Dihloriso le ditlokotsi tse ileng tsa ntlhahela Antioke, Ikoniamo, Lystra; dihloriso tseo ke di mameletseng: empa Morena o nkgolotse ho tsona kaofela.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Dihloriso le ditlokotsi tse ileng tsa ntlhahela Antioke, Ikoniamo, Lystra; dihloriso tseo ke di mameletseng: empa Morena o nkgolotse ho tsona kaofela.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 3:11
43 Referencias Cruzadas  

e leng lengeloi le nnamoletseng bobeng bohle, o hlohonolofatse bahlankana bana; ba rewe lebitso la ka, le mabitso a bontate Abrahama le Isaaka, mme ba anafale haholoholo lefatsheng.


Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng:


o nnamolelang direng tsa ka. O mphahamisitse hodima ba ntwantshang. O mphonyohisitse ho monna ya bohale.


Mahlomola a ya lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntsha ho wona kaofela;


Jehova o a ba thusa, o a ba boloka; o ba namolela ho ba babe, o a ba pholosa, kahobane ba beile tshepo ya bona ho yena.


Erekaha a beile lerato la hae ho nna, ke tla mmoloka, ke mmee qhobosheaneng e phahameng, kahobane a tsebile lebitso la ka.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


O se ke wa tshaba, wena sebokonyana, Jakobo, mosalanyana wa Iseraele; ke nna ke o thusang, ho bolela Jehova; Mohalaledi wa Iseraele ke Molopolli wa hao.


Ha o tshela hara metsi, ke tla ba le wena; ha o tshela dinoka, di ke ke tsa o nka: leha o feta hara mollo, o ke ke wa tjha, le malakabe a ke ke a o tlabola.


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


O a namolela, o a pholosa, o hlahisa dipontsho le mehlolo lehodimong le lefatsheng, o bile o namoletse Daniele marong a ditau.


Haele bona, ba tloha Perge, ba tla Antioke wa Pisidia. Ba kena sinagogeng ka letsatsi la Sabatha, ba dula.


Empa Bajuda yare ha ba bona bongata, ba tlala mona, ba hanyetsa ditaba tsa Pauluse, ba nganga, ba nyefola.


Monna e mong o ne a le teng Listra ya neng a holofetse maoto haesale a etswa popelong ya mmae, a sa tsebe ho tsamaya.


kamoo ke sebeleditseng Morena kateng, ka boikokobetso bohle, le ka meokgo e mengata, le ka meleko e ntlhahetseng ka baka la merero ya Bajuda;


Moferefere ha o tota, molaodi wa sekete a tshaba hore ba tla harola Pauluse, mme a laela bahlabani hore ba theohele, ba mo hlwibile hara bona, le ho mo kgutlisetsa qhobosheaneng.


Ke tla o lwela setjhabeng sena, le ditjhabeng tseo ke o romelang ho tsona jwale,


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.


hore o tle o ntwele ho ba sa dumeleng ba Judea, le hore bahalaledi ba Jerusalema ba tle ba amohele hamonate thuso eo ke e isang ho bona;


Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atetse, le wona matshediso a re atetse ka Kreste.


ka ho tseba hore, jwalokaha le ena le kabelo bohlokong, hape, le na le yona le tshedisong.


Ke ka baka leo ke ithatelang mefokolong, le dinyefolong, le bohloking, le dihlorisong, le mahlomoleng, ka baka la Kreste; hobane mohla ke fokolang, eba ke mohla ke nang le matla.


Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos