Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.
Jwale, bonang, ke a tseba hobane lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke bolela tsa mmuso wa Modimo, ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka.
leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le bophelo, leha e le lefu, leha e le tsa jwale, leha e le tse tlang ho tla; tsohle ke tsa hao;
Seo e leng pontsho ya kahlolo e lokileng ya Modimo, le tle le nkoe le le ba lokelwang ke mmuso wa Modimo, oo le lona le utlwang bohloko ka baka la wona.
Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste: