Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:29 - Baasraak Sotho NT

29 Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 E mong le e mong ya tlohetseng matlo, leha e le banababo, kapa bokgaitsedie, leha e le ntatae, kapa mmae, kapa bana, leha e le masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla newa halekgolo, a je le lefa la bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Hape mang le mang ya tlohetseng matlo, bana babo, dikgaitsedi, ntatae, mmae, bana, kapa masimo ka baka la lebitso la ka, o tla putswa halekgolo, mme a rue bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:29
25 Referencias Cruzadas  

Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Empa ya jetsweng mobung o motle, ke ya utlwang lentswe, mme a le utlwisisa; se le sona se behang, se beha, se seng ha lekgolo, se seng mashome a tsheletseng, se seng sa mashome a mararo.


Empa tse ding tsa wela mobung o motle, mme tsa beha, e nngwe ha lekgolo, e nngwe tse mashome a tsheletseng, e nngwe tse mashome a mararo.


Hobane e mong le e mong ya ratang ho pholosa bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona;


E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, ke eng e molemo eo nka e etsang hore ke be le bophelo bo sa feleng?


Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le rohaka, ba le hlorisa, ba le bua bobe bohle ka bohata ka baka la ka.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme ntho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Ekare ha motho a etla ho nna, mme a sa hloye ntatae, le mmae, le mosadi wa hae, le bana, le banababo, le dikgaitsedi, le bophelo ba hae, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


Eitse hobane ba ise dikepe lebopong, ba tlohela tsohle, ba mo latela.


Ho lehlohonolo lona, ha batho ba le hloya, mme ba le arola ho bona, ba le nyedisa, ba lahla lebitso la lona jwaloka hoja le le lebe, ka baka la Mora motho.


Hoja le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le rata sa lona; empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile lefatsheng, ke ka baka leo lefatshe le le hloileng.


Mme ya kotulang o amohela moputso, mme o bokella ditholwana bophelong bo sa feleng, hore ya jalang le ya kotulang ba thabe hammoho.


Hobane ke tla mmontsha hore na o tshwanetse ho hlokofatswa jwang ka baka la lebitso la ka.


Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.


Ka baka leo, ho tloha jwale ha re sa tseba motho ka nama;


Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.


Haeba le nyediswa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya le wa Modimo o dutse hodima lona;


Ka baka la lebitso la hae, ba ile ba tswa, ba sa nke letho ho baditjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos