Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.
Mattheu 4:19 - Baasraak Sotho NT A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho. Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa ba tshwasang batho. BIBELE A re ho bona: “Ntshaleng morao, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.” Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho. |
Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.
Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;
Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;
Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.
Eitse ha a feta, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A tsoha, a mo latela.
Kamora tseo a tswa, a bona molekgetho, ya bitswang Levi, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele.
Ka hosasane, Jesu a rata ho tswela Galilea, mme a fumana Filipi, mme a re ho yena: Ntatele.
Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, le mohlanka wa ka o tla ba teng;
Jesu a re ho yena: Ha ke rata hore a dule ke be ke tle, e ka ba eng ho wena? ntatele wena.
Empa ha ho ka ba jwalo, ha ke a ka ka le imetsa; leha ho le jwalo, kahobane ke ne ke le mano, ke ile ka le tshwara ka mano.