Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:21 - Baasraak Sotho NT

21 Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jesu a re ho yena: Ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; o ntano tla, o ntatele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Jesu a araba, a re ho yena: “Haeba o batla ho phetheha, eya, o rekise maruo a hao, o abele mafutsana tjhelete eo, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; jwale o tle, o ntatele.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Jesu a re ho yena: Ekare ha o rata ho phetheha, eya, o rekise ka tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:21
31 Referencias Cruzadas  

Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.


Mohlankana a re ho yena: Tsohle tseo ke di bolokile ho tloha botjheng ba ka;


Empa mohlankana ha a utlwa polelo eo, a tloha a swabile;


Jesu a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Lona ba ntatetseng, mehleng ya ho tswalwa ha Mora motho, ha a se a dutse teroneng ya kganya ya hae, le lona le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlola meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


A re ho bona: Ntateleng, mme ke tla le etsa batshwasi ba batho.


Le be ba phethahetseng, jwalokaha Ntata lona ya mahodimong a phethahetse.


Jesu a re ho yena: Ntatele; mme o lese bafu ba epele bafu ba bona.


Eitse ha Jesu a tloha teng, a tloha moo, a bona monna ya bitswang Mattheu, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A ema, a mo latela.


Jesu a mo tadima, a mo rata, a re ho yena: O haellwa ke ntho e le nngwe: eya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; ’na.


Eitse ha a feta, a bona Levi, mora Alfea, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele. A tsoha, a mo latela.


Eitse hobane a biletse bongata ho yena le barutuwa ba hae, a re ho bona: E mong le e mong ya ratang ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.


Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong wa lona ya sa lahleng tsohle tseo a nang le tsona, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng.


Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Kamora tseo a tswa, a bona molekgetho, ya bitswang Levi, a dutse pela ntlo ya lekgetho, a re ho yena: Ntatele.


Morutuwa ha a moholo ho moruti wa hae, empa e mong le e mong ya phethehileng o tla ba jwaloka moruti wa hae.


A re ho bona bohle: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele.


Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.


Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, le mohlanka wa ka o tla ba teng;


Ba rekisa maruo le maruo a bona, mme ba abela bohle, kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.


Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos