A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.
Mattheu 25:1 - Baasraak Sotho NT Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi. Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlang oo, mmuso wa lehodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome ba nkileng dilampi tsa bona, ba tswile ho kgahlanyetsa monyadi. BIBELE “Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi. |
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya ileng a jala peo e ntle tshimong ya hae.
A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le tlhaku ya mosetareta, eo motho a e nkileng, a e jala tshimong ya hae.
Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlooa le lahlelwang lewatleng, la bokella mefuta yohle ya mefuta.
Hobane mmuso wa mahodimo o tshwana le monga ntlo, ya ileng a tswa e sa le kameso ho ya thapa basebetsi tshimong ya hae ya merara.
Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.
Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo.
Yaba Judase o nka sehlopha sa banna le bahlanka ba baprista ba baholo le ba Bafarisi, a tla teng ba nkile mabone le dirumula le dibetsa.
Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi, ha a ema, a mo utlwa, o thaba haholo ka baka la lentswe la monyadi;
Jwale, banabeso, ke a le rorisa, ha le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka ditaelo, jwalokaha ke le neile tsona.
Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.
re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;
Bana ke ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; hobane ke barwetsana. Ke bona ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bao ba lopolotswe hara batho, e le dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.
A re thabeng, re nyakalle, mme re mo tlotlise, hobane lenyalo la Konyana le tlile, mme mosadi wa yona o itokisitse.
Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.
Mme ha tla ho nna e mong wa mangeloi a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tse supileng tsa ho qetela, a bua le nna, a re: Tloo kwano, ke tla o bontsha monyaduwa, mosadi wa Konyana.
Teroneng ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe, le dilampi tse supileng tsa mollo tse tukang pela terone, e leng Meya e supileng ya Modimo.
Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka lebone, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le hodima liliba tsa metsi.