Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 9:15 - Baasraak Sotho NT

15 Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jesu a re ho bona: Balekane ba monyadi na ba ka lla, monyadi ha a sa le ho bona na? Empa nako e a tla eo monyadi a tla tloswa ho bona, ke hona ba tla itima dijo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Jesu a ba araba, a re: “Na baetsana ba ye ba hlomohe ka nako eo monyadi a ntseng a ena le bona? Ho tla tla matsatsi ao ka wona monyadi a tla tloswa ho bona, e be hona ba itimang dijo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka lla, monyadi a sa na le bona na? empa matsatsi a tla tla, ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 9:15
22 Referencias Cruzadas  

Jwale barutuwa ba Johanne ba tla ho yena, ba re: “Ke ka baka lang rona le Bafarisi re itima dijo hangata, empa barutuwa ba hao ha ba itime dijo?


Ha ho motho ya beang setsiba sa lesela le letjha seaparong se tsofetseng;


Jesu a re ho bona: Na banyadi ba ka itima dijo, monyadi a sa na le bona na? ha feela ba sa na le monyadi ho bona, ba sitwa ho itima dijo.


Empa matsatsi a tla tla ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.


A re ho barutuwa: Ho tla matsatsi ao ka wona le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mora motho, mme le ke ke la le bona.


A re ho bona: “Na le ka itima dijo banyadi ha monyadi a ntse a ena le bona?


Empa matsatsi a tla tla ao monyadi a tla tloswa ho bona, mme ke hona ba tla itima dijo matsatsing ao.


Empa kahobane ke le boleletse taba tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.


Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi, ha a ema, a mo utlwa, o thaba haholo ka baka la lentswe la monyadi;


Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Le se ke la etsetsana bolotsana, haese ka tumellano ka nako e itseng, le tle le ikemisetse ho itima dijo le ho rapela; le boele le kopane, Satane a tle a se ke a le leka ka baka la ho se ithibe ha lona.


Ka kgathala le bohloko, ke fadimehile hangata, ka tlala le lenyora, ka ho itima dijo hangata, ka serame le ho hlobola.


A re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo ba memetsweng selallong sa lenyalo la Konyana. Yaba o re ho nna: Tsena ke dipolelo tsa nnete tsa Modimo.


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos