Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 21:2 - Baasraak Sotho NT

2 Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ka boela ka bona motse o halalelang, Jerusalema e ntjha, o theoha lehodimong, ho Modimo, o hlophehile hantle, jwaloka monyaduwa ha a ikgabiseditse monyadi wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:2
28 Referencias Cruzadas  

Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi, ha a ema, a mo utlwa, o thaba haholo ka baka la lentswe la monyadi;


Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo;


Hobane o ne a lebeletse motse o nang le metheo, oo sehahi le moetsi wa wona e leng Modimo.


Empa jwale ba lakatsa lefatshe le fetisang ka molemo, ke ho re, la lehodimo;


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.


Hobane mona ha re na motse o tiileng, empa re batla o tlang ho tla.


Tshenolo ya ga Jesu Keresete, e Modimo o e mo neileng, go bontsha batlhanka ba ona dilo tse di tshwanetseng go akofa di dirafala; mme a romela ka lengeloi la hae ho Johanne mohlanka wa hae.


Johanne ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tlang ho tla; le ho Meya e supileng e pela terone ya hae;


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


Empa lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le lekanya; hobane e neilwe Baditjhaba: mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


La nkisa ka moya thabeng e kgolo, e telele, mme la mpontsha motse o moholo, Jerusalema o halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo.


Mme ha tla ho nna e mong wa mangeloi a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng tse tletseng dikotsi tse supileng tsa ho qetela, a bua le nna, a re: Tloo kwano, ke tla o bontsha monyaduwa, mosadi wa Konyana.


Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha. ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos