Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 21:1 - Baasraak Sotho NT

1 Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile; mme lewatle le ne le se le le siyo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha; hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile, le lona lewatle le ne le se le le siyo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale ka bona lehodimo le letjha, le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la kgale le lefatshe la kgale di fetile, mme lewatle ha le sa le yo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile; mme lewatle le ne le se le le siyo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 21:1
13 Referencias Cruzadas  

Hobane le tsona dibopuwa di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di tle di be le tokoloho e tlotlehang ya bana ba Modimo.


Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.


Empa rona, ho ya ka pallo ya wona, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ikahetseng teng.


Yaba ke ema hodima lehlabathe la lewatle, ka bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome, mme dinakang tsa sona ho le meqhaka e leshome, mme dihloohong tsa sona ho le mabitso a nyefolo.


Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.


Ya dutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A re ho nna: Ngola, hobane dipolelo tsena ke tsa nnete, di a tshepeha.


Lehodimo la tloha jwaloka moqolo ha o phuthwa; mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsohle tsa tloswa tulong tsa tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos