Lefatshe la Kanana le a hapuwa, 1 — 12. Joshua o bewa motsamaisi wa setjhaba.1 Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re: 2 Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele. 3 Ke le neile sebaka sefe le sefe moo le tla hata ka bohato ba maoto a lona, jwalokaha ke boleletse Moshe; 4 ho tloha lefeelleng le Lebanone ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate, fatshe lohle la Bahethe, le ho ya fihla Lewatleng le Leholo, ka nqa bophirimatsatsi; ke yona naha ya lona. 5 Ha ho motho ya tla tiya pela hao, ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hao; ke tla ba le wena, jwalokaha ke bile le Moshe; nke ke ka o tlohela, leha e le ho o lahla. 6 Iphe matla, o etse ka senna, hobane ke wena o tla ruisa setjhaba sena fatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona, ka re, ke tla ba nea lona. 7 Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng. 8 Buka ena ya molao e se ke ya tloha molomong wa hao; o o nahane motshehare le bosiu, o tle o hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngodilweng teng; ke moo o tla atleha metsamaong ya hao, o iketle. 9 Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng. 10 Ebile Joshua o laela balaodi ba setjhaba, a re: 11 Fetang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tshela Jordane ena, ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona ho le rua. 12 Hape, Joshua a bolella Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, a re: 13 Elellwang taba eo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng yona, mohla a reng: Jehova, Modimo wa lona, o le kgatholotse, o le neile fatshe lena. 14 Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse; 15 Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi. 16 Ba araba Joshua, ba re: Re tla etsa ka tsohle tseo o re laetseng tsona, re ye le hohle moo o ka re romelang teng. 17 Re tla o utlwa jwalokaha re kile ra utlwa Moshe tabeng tsohle. Feela, Jehova, Modimo wa hao, a be le wena, jwalokaha a bile le Moshe. 18 Motho leha e ka ba mang le mang, ya eisang molomo wa hao, ya sa mamelang mantswe a hao kahohle kamoo o ka re laelang kateng, o tla bolawa. Feela o iphe matla, o etse ka senna. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa