Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona naheng eo Moshe a le neileng yona ka kwano ho Jorodane, empa lona bohle, bao le leng banna ba bahale, ba matla, le tla tshela le hlometse, le eteletse bana babo lona pele, le ba thuse.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 1:14
9 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.


Ho tla sala metseng ya Gileade bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona;


Bahlahlobi ba tla eketsa ho bua le setjhaba, ba re: Motho ya lekwala, ya nang le pelo e boi, ke ofe na? A ke a tlohe, a kgutlele tlung ya hae, esere mohlomong pelo tsa banababo tsa qhibidiha jwaloka ya hae.


Feela basadi ba lona, le bana ba lona le mehlape ya lona (hobane ke a tseba hobane le na le mehlape e mengata) ba sale metseng eo ke le neileng yona,


O ipatletse dilopotsiya tsa naha, kahobane kabelo ya mmei wa molao e boloketswe yena hona teng; o tsamaya le dihlooho tsa setjhaba; o entse ho loka ha Jehova le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng Iseraele.


Elellwang taba eo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le laetseng yona, mohla a reng: Jehova, Modimo wa lona, o le kgatholotse, o le neile fatshe lena.


Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba tshela ba etella bana ba Iseraele pele ba hlometse, jwalokaha Moshe a ne a ba boleletse.


Mosadi eo o ne a apere purepera le sekarelata, a kgabile ka kgauta, le mahakwe a bohlokwa, le diperela; letsohong la hae o ne a tshwere pitsa ya kgauta, e tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos