Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 1:14 - BIBELE

14 Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona naheng eo Moshe a le neileng yona ka kwano ho Jorodane, empa lona bohle, bao le leng banna ba bahale, ba matla, le tla tshela le hlometse, le eteletse bana babo lona pele, le ba thuse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;

Ver Capítulo Copiar




Joshua 1:14
9 Referencias Cruzadas  

Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.


Bana ba rona, le basadi ba rona, le mehlape ya rona, le makgomo wohle a rona, tsena di tla sala Gileade.


Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: ‘Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.’


Empa ha e le basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona, ke a tseba hore le na le diphoofolo tse ngata, tsena di tla sala metseng eo ke le neileng yona.


Yena o ikgethetse karolo ya mantlha, o abetswe seabo sa molaodi. O tlile le hlooho tsa merabe, a phethahatsa ho loka ha Morena, le ditaelo tsa hae ho Baiseraele.’


“Hopolang lentswe leo Moshe, mohlanka wa Morena, a neng a le laele lona, a re: ‘Morena Modimo wa lona, o tla le phomotsa, a le nee naha ena.’


Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”


Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse.


Mosadi eo o ne a apere diaparo tse perese le tse kgubedu, a ikgabisitse ka kgauta, le ka mabenyane a bohlokwa, le ka mahakwe. Ka letsohong la hae o ne a tshwere senwelo sa kgauta, se tletseng manyala le ditshila tsa bootswa ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos