Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Ha Morena a se a phomoditse bana bao babo lona, jwaloka lona, mme le bona ba se ba hapile naha eo Morena Modimo wa lona, a ba neang yona, ke hona le ka kgutlelang naheng ya lona, la dula ho yona, e leng naha eo Moshe, mohlanka wa Morena, a le neileng yona, kamose ho Jorodane, nqa botjhabela.”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 1:15
15 Referencias Cruzadas  

Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.


Ha le etse ho swabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe.


Haele lona, banabeso, le bileditswe ho lokoloha, empa feela le se ke la etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama, le mpe le sebeletsane ka baka la lerato.


Jarelanang diphahlo, mme le phethe jwalo molao wa Kreste.


Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.


ho fihlela mohla Jehova a neileng banababo lona phomolo, jwalokaha a le neile, le bona ba tle ba rue lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a ba neang lona mose wane ho Jordane; ke hona le tla kgutlela e mong le e mong lefeng leo ke le neileng lona.


Iseraele, mamela! Kajeno o tla tshela Jordane ho ya rua ditjhaba tse o fetisang ka bongata le ka matla, le metse e meholo e nang le marako a malelele ho isa lehodimong.


E mong le e mong a se ka a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.


Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re:


Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;


Ba araba Joshua, ba re: Re tla etsa ka tsohle tseo o re laetseng tsona, re ye le hohle moo o ka re romelang teng.


Yaba Joshua o bitsa Barubene, le Bagade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos