Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Moshe, mohlanka wa Jehova, a timele, Jehova a bolella Joshua, mora Nune, qobo ya Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Hoba Moshe, mohlanka wa Morena, a shwe, Morena a bua ho Joshua, mora wa Nune, lehlahana la Moshe, a re:

Ver Capítulo Copiar




Joshua 1:1
29 Referencias Cruzadas  

O tlotse le Jehu, mora Nimshi, ho ba morena wa Iseraele; o tlotse le Elisha, mora Shafathe, wa Abele-Mehola, ho ba moporofeta tulong tsa hao.


Josafate a re: Hleka ha ho moporofeta wa Jehova mona, eo re ka botsang Jehova ka yena na? E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a fetola, a re: Elisha, mora Shafathe, o teng, ya neng a tshella Elia metsi matsohong.


Phutheho kaofela ya ba kgutlileng kgolehong ya etsa metlotlwane jwalo, mme ba dula metlotlwaneng eo. Hobane bana ba Iseraele ba ne ba eso ho etse jwalo, haesale le mehleng ya Joshua, mora Nune, ho fihlela la kajeno. Monyaka wa eba moholo.


Moshe a tloha a ena le Joshua ya mo sebeletsang; Moshe a nyolohela thabeng ya Modimo.


Joshua, mora Nune, e neng e le mohlanka wa Moshe haesale botjheng ba hae, a bua, a re: Morenaka, Moshe, ba thibele!


Empa ha ho jwalo le mohlanka wa ka, Moshe; o tshepehile tlung ya ka kaofela;


Ke ao mabitso a banna bao Moshe a ba romileng ho ya hlwela naha; mme Moshe a rea Hosea, mora Nune, lebitso la Joshua.


lelokong la Efraime, Hosea, mora Nune;


Ya leng kgabane ho tse nyenyane, le ho tse kgolo o tla ba kgabane; mme ya sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kgolo.


Eitse hobane bontata rona ba e newe, ba ya le yona lefatsheng la ditjhaba tseo Modimo o di lelekileng pela bona, ba ena le Joshua; mme ya nna ya dula teng ho fihlela mehleng ya Davida.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ya tla kena ke Joshua, mora Nune, ya emang pela hao. Mo kgothatse, etswe e le yena ya tla ruisa bana ba Iseraele lefatshe lena.


Jehova a laela Joshua, mora Nune, a re ho yena: Iphe matla, o tiye pelo, hobane ke wena o tla kenya bana ba Iseraele lefatsheng leo ke ba anetseng hore ke tla ba fa lona, mme nna ke tla ba le wena.


Jehova, Modimo wa hao, ke yena ya tla o etella pele, mme o tla fedisa ditjhaba tseno pela hao, o tle o rue naha ya tsona. Joshua ke yena ya tla o etella pele, jwalokaha Jehova a boletse.


Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.


le ka tsohle tseo a di entseng ka letsoho le matla, le ka letsoso lohle le leholo leo Moshe a le hlahisitseng pontsheng ya Baiseraele bohle.


Moshe, mohlanka wa Modimo, a shwela hona teng, naheng ya Moabe, ka taelo ya Jehova.


Haele Joshua, mora Nune, o ne a tletse moya wa bohlale; hobane Moshe o ne a mmeile matsoho hodimo; bana ba Iseraele ba mo utlwa, mme ba etsa jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Nna, Pauluse, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ho isa bakgethwa ba Modimo tumelong le tsebong ya nnete e leng ka borapedi,


Ke le Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke re: Dumelang!


Jehova a be a khatholle banababo lona jwaloka lona, le bona ba tle ba rue fatshe leo Jehova, Modimo wa lona a ba neileng lona; le ntoo boela fatsheng le ruilweng ke lona, le le rue, e le leo Moshe, mohlanka wa Jehova, a le neileng lona mose o kwano wa Jordane, ka nqa botjhabatsatsi.


Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele.


Ke bona bao Moshe, mohlanka wa Jehova, le bana ba Iseraele ba neng ba ba hlotse; Moshe, mohlanka wa Jehova, a nea fatshe leo ho Barubene, le ho Bagade, le ho ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, hore ba le rue.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos