Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Fetang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: Itokisetseng mefaho, hobane matsatsi a sa tla ba mararo, le ntoo tshela Jordane ena, ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neileng lona ho le rua.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Tsamayang hara diahelo, le laele setjhaba, le re: ‘Ipheheleng mofao, hobane kamora matsatsi a mararo le tla tshela noka ena ya Jorodane, ho ya hapa naha eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona hore e be ya lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Joshua 1:11
9 Referencias Cruzadas  

Boya, o re ho Esekiase, modisa wa setjhaba sa ka: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa ntatao Davida: Ke utlwile thapelo ya hao, ke bone le meokgo ya hao; bona, ke tla o fodisa; ka la boraro o tla nyolohela tlung ya Jehova.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Eya ho setjhaba, o se hlwekise kajeno le hosasane: ba hlatswe diaparo tsa bona. Ba itokisetse letsatsi la boraro, hobane ka tsatsi la boraro Jehova o tla theohela hodima thaba ya Sinai, mahlong a setjhaba kaofela.


Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae.


Hobane le se le ya tshela Jordane ho ya rua lefatshe leo Jehova, Modimo wa lona, a le neang lona; le tla le rua, le ahe ho lona.


Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.


Iseraele, mamela! Kajeno o tla tshela Jordane ho ya rua ditjhaba tse o fetisang ka bongata le ka matla, le metse e meholo e nang le marako a malelele ho isa lehodimong.


Ebile Joshua o laela balaodi ba setjhaba, a re:


Moshe, mohlanka wa ka, o timetse; tsoha jwale, o tshele Jordane ena, wena le setjhaba sena kaofela, mme o kene lefatsheng leo ke le neileng bana ba Iseraele.


Kamora tshiu tse tharo, balaodi ba feta hara diahelo,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos