Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:
Ruthe 4:11 - BIBELE Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema. Sesotho 1909/1961 (SO) Batho bohle ba neng ba le kgotla le baholo, ba re: Re dipaki. Jehova a etse mosadi eo, ya kenang ka tlung ya hao, jwaloka Ragele le jwaloka Lea, e leng bona ba babedi ba hahileng ntlo ya Iseraele; o bonahatse matla a hao Efrata, mme lebitso la hao le tume Bethlehema! |
Eferone o ne a dutse hara Bahete, mme Eferone wa Mohete a araba Aborahama moo Bahete bohle ba neng ba le kgotla, kgorong ya motse, ba ntseng ba utlwa, a re:
Ba hlohonolofatsa Rebeka, ba re ho yena: “Kgaitsedi ya rona, o ke o be mma dikete tsa dikete; Ditloholo tsa hao di ke di hape metse, di hape metse ya dira tsa tsona.”
Jwale Labane o ne a ena le baradi ba babedi; lebitso la e moholo e ne e le Lea, mme lebitso la e monyenyane e le Ragele.
Yare ha bo esa, bo bonahala hore ke Lea, Jakobo a re ho Labane: “Ke eng ee, eo o nketseditseng yona? Na ha ke o sebeletsa, ke ne ke sa sebeletse hore o nnee Ragele? Jwale o nthetseditseng?”
Lea ya eba moimana, a tswala mora, mme a mo rea lebitso la Rubene, hobane o ne a re: “Ruri Morena o bone matshwenyeho a ka, mme jwale monna wa ka o tla nthata.”
Bara ba Lea ke: Rubene, letsibolo la Jakobo, le Simeone, le Levi, le Juda, le Isakare, le Sabulone.
Yaba Jesabele o ngola mangolo lebitsong la Akabe, a ba a a hatisa ka letshwao la hae. Mangolo ana a a romela ho baholo le mahosana a ahileng le Nabote motseng oo wa habo.
Ka ngola lengolo la theko, ka le tiisa, ka bitsa le dipaki, yaba ke bea tjhelete sekaleng.
“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”
“ ‘Ha e le wena, Betlelehema, e naheng ya Juda, ha o hlile ha o monyenyane haholo, ha o monyenyane hara batsamaisi ba Juda, hobane ho wena ho tla tswa motsamaisi ya tla alosa Iseraele, setjhaba sa ka.’ ”
“Haeba monna eo a sa rate ho kenela mohatsa ngwanabo, mosadi eo wa ngwanabo o tla ya kgorong ya motse, ho baholo, mme a re: ‘Ngwanabo monna ka o hana ho tsosa lebitso la ngwanabo setjhabeng sa Iseraele; ha a batle ho phetha tshwanelo ya hae ho nna.’
mohatsa ngwanabo o tla atamela ho yena, moo baholo ba ntseng ba bona, a mo rodise seeta leotong, a mo tshwele ka mathe sefahlehong, a arabele, a re: ‘Ho etswa tjena ka monna ya hanang ho tsosa ntlo ya ngwanabo!’
Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.