Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 4:12 - BIBELE

12 Bana bao Morena a tla o fa bona ka mosadi enwa, ba ke ba be jwaloka bana ba Perese, bao Tamare a neng a ba tswalle Juda.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ntlo ya hao e be jwaloka ntlo ya Peretse, eo Tamare a mo tswaletseng Juda, ka bana bao Jehova a tla o nea bona ka morwetsana eo!

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 4:12
8 Referencias Cruzadas  

Empa yare ha a honyetsa letsoho la hae, yaba ngwanabo o a hlaha, mme mmelehisi a re: “Jwale wena o monyohile jwang?” A mo rea lebitso la Perese.


Bara ba Juda: Ere, le Onane, le Shela, le Perese, le Sera. Ere le Onane ba ile ba shwela naheng ya Kanana. Bara ba Perese e ne e le Heserone le Hamule.


Tamare, ngwetsi ya Juda, a tswalla Juda Perese le Sera. Kaofela bara ba Juda ba ne ba le bahlano.


Na hase Morena ya entseng hore monna le mosadi e be ntho e le nngwe? Ke ba hae ka nama le ka moya. Ke hobaneng ha a ba entse hore e be ntho e le nngwe? Ke hobane a ne a batla bana ba mo hlomphang. Kahoo o itlhokomele, o se sitelwe mosadi wa hao wa matswathaka.


Juda a tswala Farese le Sara ka Tamare, Farese a tswala Heserone, Heserone a tswala Arame,


Tsena ke ditloholo tsa Perese: Perese a tswala Heserone;


Eli o ne a ye a hlohonolofatse Elekana le mosadi wa hae, mme a re: “Morena a fe mosadi enwa bana ka baka la mpho eo a e etseditseng Morena.” Ebe ba ya lapeng ha bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos