“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”
Numere 8:16 - BIBELE “Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba ka ka ho tlala. Ke inketse bona bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Sesotho 1909/1961 (SO) hobane ba neilwe nna ruri, hara bana ba Iseraele; mme ke inketse bona bakeng sa letsibolo le leng le le leng la mosadi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. |
“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”
“Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka,
hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”
“Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena.
“Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse.
Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele.