Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”
Mosebetsi wa bona e ne e le ho thusa ditloholo tsa Arone ha di sebeletsa ka Tempeleng ya Morena, le mabaleng a yona, le ka dikamoreng tsa yona, le ka ho hlwekisa dintho tsohle tse halalelang, le ka ho etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa Tempele ya Morena.
Ka tsela ena ba ne ba hlokomela Tente ya Morena, le Sehalalelo, mme ba thusa bara ba Arone, e leng bana babo bona, ho hlokomela ditshebeletso tsa Tempele ya Morena.
Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.”
Ba hlophisa baprista ho ya ka dihlopha tsa bona, le Balevi ho ya ka mesebetsi ya bona, bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe.
“Bona mona, bana ba Balevi ke ba neile karolo e le nngwe ho tse leshome la tse bokeletsweng ke bana ba Iseraele e le lefa la bona. Ke moputso wa tshebeletso ya bona eo ba e etsang ka Tenteng ya Morena.
“Jwale Tente ya Morena e tla tloha e jerwe, mokgetho wa Balevi o tsamaye pakeng tsa mekgetho e mmedi e kapele, le e mmedi e kamorao; mekgetho e tsamaye ka ho hlahlamana, jwalokaha e ne e hlahlamantswe ha ho hlongwa; monna e mong le e mong a be sebakeng sa hae, pela mokgele wa hae.
Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.