Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ba tla boloka tse beilweng ho yena, le tse beilweng ho phutheho yohle,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:6
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.


Hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho tlatsa bara ba Aarone tshebetsong ya ntlo ya Jehova; ba ne ba laetswe ho baballa mabala le dikamore, le ho hlatswa ntho tsohle tse halalelang, le ho phetha mosebetsi wohle wa tshebetso ya ntlo ya Modimo;


Hape, ba ne ba boloka dintho tsa tente ya pokano, le tsa sehalalelo, le tsa bara ba Aarone, banababo bona, tsa ho etsa tshebetso ya ntlo ya Jehova.


Ba neng ba tshwara tshebetso eo hammoho le bana ba bona, ho bara ba Bakehathe e ne e le sebini Hemane, mora Joele, mora Samuele,


Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


Mme le tla tseba hobane ke rometse taelo eo ho lona, hore ho tiye selekane sa ka le Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ke nea bara ba Levi boshome ba tsohle tsa Iseraele, e be lefa la bona, bakeng sa tshebetso ya bona, tshebetso ya tente ya pokano.


Jwale, ho ntoo tloha tente ya pokano le Balevi, ba le mahareng a matlo a mang; ba tla tsamaya ka mokgwa oo ba emisang ka wona, e mong le e mong ka ho boloka baka sa hae, tlasa folaga ya habo.


Empa Balevi ha ba ka ba ngollwa hara bana ba Iseraele, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Jehova a bolella Moshe, a re: Atametsa ba leloko la Levi, o ba emise pela Aarone, moprista, hore ba mo sebeletse.


Mohlang oo, Jehova a kgetha leloko la Levi ho jara areka ya selekane sa Jehova, le ho ema pela Jehova, le ho mo sebeletsa, le ho hlohonolofatsa setjhaba ka lebitso la hae, ho fihlela la kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos